Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 25:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 25:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo;


Jehova, o boele o mphedise ka baka la lebitso la hao; ka ho loka ha hao o ntshe moya wa ka tsielehong;


Hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka; mme ka baka la lebitso la hao, o tla mpontsha tsela o ntsamaise ho yona;


Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao.


o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ka baka la lebitso la ka, ke dieha ho hlahisa kgalefo ya ka; ka baka la kganya ya ka, ke itshwere bakeng sa hao, ke se ke ka o fedisa.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Ha ke etsetse lona, ntlo ya Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le kgethehileng, leo le le sentseng ditjhabeng tseo le fihlileng ho tsona.


Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.


Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ