Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 24:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 24:7
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.


baprista ba ba ba sitwa ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.


Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


Tsoha, Jehova, o kene nqalong ya phomolo ya hao, wena le areka ya bokgabane ba hao.


Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!


Kganya ya hae e kgolo ka baka la thuso ya hao, o mo file bokgabane le boholo;


Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di boha bokgabane ba hae.


Bulang menyako, hore setjhaba se lokileng, se bolokang botshepehi, se tle se kene.


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.


Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ