Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 24:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Morena? Ke mang ya ka emang Sehalalelong sa hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 24:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.


Jehova, moeti wa hao e tla ba mang tenteng ya hao? E tla ba mang ya tlang ho aha thabeng ya hao e halalelang?


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Jehova a re ho nna: Mora motho, sekehetsa pelo ya hao, o bone ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao tsohle tseo ke o bolellang tsona tsa dikomelo tsa ntlo ya Jehova le tsa melao ya yona; o e sekehele pelo hore o hlokomele hohle ho kenang tlung, ka menyako yohle ya sehalalelo.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ha ho mora wa moditjhaba, eo e leng leqai pelong le leqai nameng, ya tla kena sehalalelong sa ka; ke bolela bara ba baditjhaba ba dutseng hara bana ba Iseraele.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng.


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ