9 Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme,
9 “O tshepile Morena! A ke a mo lopolle, a mo pholose haeba a mo rata!”
Modimo, o nthutile esale le botjheng ba ka, mme ke ntse ke tumisa mehlolo ya hao ho fihlela la kajeno.
Esale le popelong ya mme, ke itshetlehile ka wena. Ke wena ya nntshitseng maleng a hae; o tla nne o roriswe ke nna kamehla.
Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;