Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.
O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.
Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!