Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa. Meloko e tlang e tla tsebiswa Morena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:31
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba eo e ke e ngollwe mehla e tlang ho tla, setjhaba se tlang ho tswalwa se ke se rorise Jehova.


Ke bolela ho loka phuthehong e kgolo; ha ke a thiba melomo ya ka, Jehova; o a tseba.


e le hore o tsejwe ke moloko o hlahlamang, e leng bana ba tlang ho tswalwa,


Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao!


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


Tsamaisa mahlo kahohle, mme o tadime! Ba bokana kaofela ho tla ho wena; bara ba hao ba tla, ba etswa hole, baradi ba hao ba pepilwe mahlakoreng.


Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ