Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Pholosa bophelo ba ka saboleng; ke bona feela, bo pholose marong a ntja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, o tla tadima hoo ho isa kae? O lopolle bophelo ba ka ho senyeng ha bona, le moya wa ka ditawaneng!


Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.


Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.


Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.


Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.


Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ