19 Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa!
19 ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola aparo sa ka ka lotho.
Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?
A re: Ke tla o rata haholo, Jehova, wena o leng matla a ka,
Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!
O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang.
Oho Jehova, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa.
Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; empa Morena o a nkgopola! O thuso ya ka le mopholosi wa ka; Modimo wa ka, o se ke wa dieha.
Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; Modimo, o mphakisetse! O thuso ya ka le mopholosi wa ka! Jehova, o se ke wa dieha!