Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:16
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?


O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja.


Metswalle ya ka le banabeso ba emetse thoko, ha ba bona leqeba la ka, le beso ba emetse hole.


Ba kgutla mantsiboya, ba bohola jwaloka dintja, ba potoloha motse.


Ba kgutla mantsiboya, ba bohola jwaloka dintja, ba ntse ba potoloha motse.


Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona.


Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso e mo wetse hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae.


Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.


Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.


Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.


Ha ba mo thakgisitse, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho, ho tseba seo e mong le e mong a tla se nka.


Empa ba howa ka mantswe a maholo, ba kopa hore a thakgiswe. Mehoo ya bona le ya baprista ba baholo ya hlola.


Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Jwale bahlabani, hobane ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di etsa karolo tse nne, hore mohlabani e mong le e mong a be le ya hae; ba nka le yona kobo; kobo eo e ne e se na moroko, e lohilwe e teane kahohle.


Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.


Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.


Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.


A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.


Tshabang dintja; tshabang basebetsi ba babe; tshabang lebollo la bohata;


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ