13 Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang.
13 Dipohwana tse ngata di ntikile, dipoho tsa ditonana tsa Bashane di mpokanetse;
Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.
ba jwaloka tau e lakatsang ho harola, le jwaloka tawana e laletseng letsabeng la yona.
O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare.
Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,
Morena, o tla tadima hoo ho isa kae? O lopolle bophelo ba ka ho senyeng ha bona, le moya wa ka ditawaneng!
Ba ahlamisa melomo ya bona hodima ka, ba re: Ha! Ha! mahlo a rona a bona.
esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.
Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.
Dira tsa rona kaofela di re ahlamiseditse melomo ya tsona.
Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.