A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!
Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.
A ba ke ba apeswe ke dihlong, le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka! a ba ke ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!
Le tla ja nama tsa diqhenqha, le tla nwa madi a marena a lefatshe: e leng dipheleu, le dikonyana, le diphooko, le dipoho; kaofela ha tsona e le tse nontshitsweng Bashane.
Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;