Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 22:11
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.


Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?


Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!


O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!


Atamela moya wa ka, o o boloke; o ntopolle ka baka la boithoriso ba dira tsa ka!


Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!


Esale le popelong ya mme, ke itshetlehile ka wena. Ke wena ya nntshitseng maleng a hae; o tla nne o roriswe ke nna kamehla.


Hobane o tla boloka ya lesitsi ha a howa, le ya madimabe ya hlokang mothusi;


Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng.


Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.


A boela a latola ka ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe.


Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.


Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ