Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 21:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Letsoho la hao le tla tshwara dira tsa hao kaofela; letsoho le letona la hao le tla fihlela ba o hloileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 21:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,


E be moputso oo ka wona Jehova a putsang sera sa ka le ba bolelang bobe hodima ka.


Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.


A re: Ke tla o rata haholo, Jehova, wena o leng matla a ka,


O tla di thumakanya ka molamu wa tshepe, o di silakanye jwaloka pitsa ya letsopa.


Baahi ba lefeella ba tla kgumama pela hae, bao e leng dira ho yena ba nyeke lerole;


Jwalokaha letsoho la ka le ile ho fihla mebusong ya medimo, leha ditshwantsho tsa yona di ne di fetisa tsa Jerusalema le tsa Samaria,


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.


Jwale, ntwa ya patisa Saule haholo; banna ba fulang ka diqha ba mo thibela, mme a hlajwa bobeng ke ba diqha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ