Le taba eo ya ka e nyenyane pela hao, Morena Jehova; o bile o ekeditse wa bua bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao, ka ho re, e tla tiya motsotso o molelele! Hleka ke wona mokgwa wa batho, Morena Jehova, na?
Mme jwale, ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e le teng ka ho sa feleng pontsheng ya hao; hobane seo o se hlohonolofatsang, Jehova, eba se hlohonolofetse ka ho sa feleng.
Ke mang eo ya tlohang Edomo, ya tswang Botsra, ka diaparo tse takilweng ka bofubedu, ya kganyang ka kobo ya hae, ya tsamayang ka boholo ba matla a hae? Ke nna ke bolelang ho loka, ke nang le matla wohle a ho boloka.
Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;
Jwale, sehlooho sa ditaba tseo re di boletseng, ke hoba re na le moprista e moholo hakalo, ya dutseng letsohong le letona ho terone ya Boholo mahodimong;