Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 O kgahlanyeditse kgosi ka mahlohonolo, wa e rwesa mofapahlooho wa kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 21:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Morena Salomone yena o tla ba le lehlohonolo, le terone ya Davida e tla nne e tiye kamehla pela Jehova.


Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!


Moya wa ka a o ke o phele, o o rorise, mme u nthuse ka dikahlolo tsa hao!


Mehauhelo ya hao a e ke e ntlele, ke tle ke phele! hobane molao wa hao o a nthabisa.


Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


Ke tla etsa moloko wa hae hore e be o sa feleng, mme terone ya hae e ya nne e tiye ha mahodimo a ntse a le teng.


Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.


Ke yena ya tla haha ntlo ya Jehova; o tla apara kganya, a dule e le morena teroneng ya hae; hape, e tla ba le moprista teroneng ya hae, mme morero wa kgotso o tla ba teng mahareng a bobedi boo.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ