Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 O e neile se ratwang ke pelo ya yona, ha o a ka wa e hanela kopo e tswang molomong wa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 21:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A rola morena wa teng moqhaka wa hae, oo boima ba wona e leng talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa; wa rweswa Davida. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.


Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.


Baholo bohle ba Iseraele ba tla jwalo ho morena, Hebrone, mme morena Davida a hlaba selekane le bona Hebrone, pela Jehova, mme teng ba tlotsa Davida, hore e be morena wa Iseraele.


Davida a rola morena wa teng moqhaka wa hae, a o fihlela o le boima ba talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o na le mahakwe a bohlokwa le hona, mme wa rweswa Davida hloohong. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.


Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.


Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.


Ba ne ba mpatetse mohla ke leng tsietsing, Jehova ya mpa ya eba seikokotlelo sa ka.


Etlaba moo re thabelang hlolo ya hao; ka lebitso la Modimo wa rona re tla emisa difolaga tsa rona. Jehova a ke a o fe tsohle tseo o di qelang.


Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;


Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Mahlo a hae e ka kgabo ya mollo, mme hloohong ya hae o rwetse meqhaka e mengata; o na le lebitso le ngodilweng le sa tsejweng ke motho, haese ke yena feela;


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a mo tlotsa hara banababo, mme moya wa Jehova wa tshwara Davida, ho qala tsatsing lona leo. Samuele a ntoo tloha, a ikela Rama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ