1 Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!
Jehova, boloka morena! o ke o re utlwe, ha re o rapela!
Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.
Poloko ya ka le kganya ya ka di dutse ho Modimo; Modimo ke lefika la ka le matla; ke setshabelo sa ka.
Empa morena o tla ithabela ho Modimo; bohle ba anang ka wona ba tla nyakalla; hobane melomo ya ba bolelang mashano e tla thijwa.
Modimo, o nthutile esale le botjheng ba ka, mme ke ntse ke tumisa mehlolo ya hao ho fihlela la kajeno.
Tloong, re phahamisetseng dipina tsa rona ho Jehova, le mehoo ya rona ya nyakallo ho lefika la poloko ya rona!
Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo.
ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? Hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.