Morena Jehova o re: Empa nna, ke tla nka lekala ntlheng e phahameng ya kedare, ke le hlome fatshe; lekaleng le leholo la yona, ke tla kga letlobo la lona, ke le hlome thabeng e telele, e phahameng.
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!
Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.