Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 19:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 19:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa re ho yena torong: Le nna ke a tseba hobane o entse hoo ka pelo e hlwekileng, mme ke bile ke o thibetse hore o tle o se ke wa ntshitelwa; ke ka baka leo ke sa kang ka o lesa le hore o mo ame.


o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!


Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.


O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!


Ke hlokile ho nyatseha ho yena, ke itisitse hore ke se ke ka iketsa ya molato.


Thebe ya ka e ho Modimo o lwelang ba pelo tse lokileng.


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:


Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:


Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.


Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae. Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ