Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.
Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.
Athe kaofela ha rona re fetohile ntho e ditshila, ho loka ha rona kaofela ho jwaloka kobo e ditshila haholo, re ponne kaofela jwaloka mahlaku, makgopo a rona a ya le rona jwaloka sefefo.
Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!
empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.