1 Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
ebile hona o bo bonang, o bo bonahatsang; o bo tiisitse, wa ba wa bo leka.
Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.
Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.
Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)
Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:
Empa ba hlalefileng ba tla kganya jwaloka kganya ya lehodimo, ba kgannetseng ba bangata ho lokeng ba kganye jwaloka dinaledi kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.