Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A namisa mahodimo, a theoha, lefifi le letenya le le tlasa maoto a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae, mollo o timetsang wa betseha ka hanong la hae, mashala a hlenneng a tswa ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A namisa lehodimo, a theoha; lefifi le letenya le ne le le tlasa maoto a hae.


o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.


Binelang Modimo, le roke lebitso la wona! Batelletsang ya kaletseng lefeelleng tsela! Jehova ke lebitso la hae; itumeleng pela hae.


Mollo o mo etella pele, mme o timeletsa dira tsa hae ka nqa tsohle.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Hobane bonang, Jehova o ya tla ka mollo, makoloi a hae a be jwaloka sefefo, a tukise bohale ba hae, mme ho befa ba kgalemelo ya hae ho fetohe malakabe a mollo.


Jehova o tla rora Sione, a utlwahatse lentswe la hae a le Jerusalema, ho be ho thothomele lehodimo le lefatshe. Empa Jehova ke setshabelo ho setjhaba sa hae, ke qhobosheane ho bara ba Iseraele.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Ha ho tlile hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Jesu a mo araba, a re: Seo ke se etsang, ha o se tsebe hona jwale, empa o tla se tseba hamorao.


Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.


Eo lentswe la hae le kileng la sisinya lefatshe mohla monene, mme le jwale o sa baletse batho, a re: Ke sa tla be ke sisinye hang hape, e seng lefatshe feela, empa e leng le lona lehodimo.


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ