A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.
Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.
O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.
Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.