Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 O nnamoletse le mohla diphaphang tsa setjhaba, wa mpea hlooho ya ditjhaba; setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe se a ntshebeletsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:43
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.


Ntwa ya nna ya ya halele ya ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Davida yena a nna a ya a tiya, ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola.


Moabe ke morifi oo ke hlapelang ho wona; ke tla akgela seeta sa ka hodima Edomo; ke tshele ditlatse tsa thabo ka Filestia.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.


Modimo o mo phahamiseditse letsohong le letona la wona, hore e be yena Morena le Mmoloki ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Esaia le yena o itse: Ho tla hlaha lehlomela la Jese, e leng ya tla ema ho busa ditjhaba, mme baditjhaba ba tla mo tshepa.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


empa jwale se pepesitswe ke mangolo a baporofeta, mme, ka taelo ya Modimo o sa feleng, se senoletswe ditjhaba tsohle, di tle di finyelle kutlong ya tumelo;


Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle.


lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ