32 Ke Modimo o ntlamileng ka senyepa sa matla, mme o ntsamaisa ka tsela e lokileng.
32 Modimo ke mang, haese Morena? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?
Modimo ke qhobosheane ya ka e matla; ke wona o ntsamaisang ka tsela e lokileng.
Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.
Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!
Jehova o a busa, o apere bokgabane; matla ke seaparo sa Jehova le senyepa sa hae; ka baka leo, lefatshe le tiile, le ke ke la sisinyeha.
Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.
Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;
E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;
Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.