Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 18:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ditsela tsa Modimo di lokile; lentswe la Jehova le tshekehile; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ka thuso ya hao nka thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 18:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo, tsela ya wona e lokile; lentswe la Jehova le a tshepeha; ke thebe ho bohle ba itshepetseng yena.


Lentswe le hao le hlwekile ka ho fetisa, le ratwa ke mohlanka wa hao.


Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.


O bonahatse mehauhelo ya hao, wena ya bolokang ya tshabelang ho wena ka letsoho le letona la hao, ka baka la ba mo lwantshang!


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.


Mantswe wohle a Modimo a hlwekile; ke thebe ho ba o tshepang.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ