Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.
Jwale, Davida a kenya letsoho pataneng, a ntsha lejwe teng, a le betsa ka letjeketjane, mme a otla Mofilesta phatleng; lejwe la dikella phatleng ya hae, mme a wela fatshe ka sefahleho.
Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.