Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.
Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.