Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.
Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.
Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;