19 A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.
19 Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka, empa Morena a nthusetsa;
Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.
O tla o lokolla jwalo dinaleng tsa matshwenyeho, ho o bea sebakeng, moo o ke keng wa patiswa; dijo tse hlabosang di tla bewa tafoleng ya hao.
Ha ke ne ke le matswalong, ka rapela Jehova, mme Jehova a nkutlwa, a nketsetsa sebaka.
O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.
mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.
Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;
a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.