5 Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.
5 Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.
Leoto la ka le tiile mehlaleng ya wona; ke bolokile tsela ya wona; ha ke a ka ka kgeloha ho yona.
O tiise maoto a ka lentsweng la hao, o se ke wa lesa bokgopo leha bo le bong bo mpuse!
A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.
Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle; o tla boloka moya wa hao.
O neile mehato ya ka sebaka; maoto a ka ha a thelle.
Ke phalletse dira tsa ka, ke di timeditse; ha ke a ka ka kgutla, ke eso ho di qete.
Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.
pelo tsa rona di ne di sa ka tsa o furalla, le maoto a rona a sa ka a kgeloha ditsela tsa hao,
Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.
Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.
O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.