Nontsha pelo tsa batho bao, o thatafatse ditsebe tsa bona, o ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utlwe ka ditsebe, dipelo tsa bona di se elellwe, ba se ke ba baka, ba fola.
Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
Hobane pelo ya setjhaba seo e nonne, ditsebe tsa sona di thata ho utlwa, se tutubaditse mahlo a sona; se tle se se ke sa bona ka mahlo, sa utlwa ka ditsebe, sa utlwisisa ka pelo, sa baka, mme ke tle ke se ke ka se fodisa.
Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.
Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;
Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.