Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.
ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.
Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.