Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.
Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.
Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang.
Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.
Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.