Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke itse ho Jehova: Ke wena Morena wa ka; kantle ho wena ha ke na leruo le fetisang ka boholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ke re ho Morena: “Ke wena Morena wa ka, ha ke na lehlohonolo ntle ho wena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 16:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya ka e nkgopotsa ha o itse: Batlang sefahleho sa ka! Le jwale, Jehova, ke batla sefahleho sa hao.


Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!


Ke na le mang mahodimong haese wena? Kantle ho wena ha ke kgahliswe ke letho lefatsheng.


Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong!


Yena o tla bitsa ho nna, a re: Ke wena ntate, Modimo wa ka, le lefika la poloko ya ka!


Ke re ho Jehova: O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka oo ke o tshepang!


Jehova, Modimo wa rona, re kile ra buswa ke marena a mang, e seng wena; empa ke ka wena feela re rapelang lebitso la hao.


E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.


Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ