1 Oho Modimo, o mpoloke, hobane ke tshabela ho wena.
1 Pesalema ya Davida. Ako mpaballe Modimo, hobane ke tshabela ho wena.
Jehova o boloka ba bonolo; ke ne ke hlomohile, mme a tlisa thuso ho nna.
Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.
Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!
Maoto a ka a tiile mehlaleng ya hao, maoto a ka ha a thekesele.
O mpoloke jwaloka thaka ya leihlo la hao,
ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!
O boloke moya wa ka, o ntopolle; ke se ke ka swaba, hobane ke beile tshepo ya ka ho wena.
Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.
Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.
Oho Modimo, o nkgauhele, hobane batho ba mpefeletswe, ba ntwantsha tsatsi lohle, ba ntuba;
Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!
Jehova, Modimo wa ka, ke balehela ho wena; o mpoloke ho bohle ba ntlhorisang, mme o ntokolle;
esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.
Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!
Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.
Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.
O lebela mmila wa ho loka, o disa tsela ya bakgehtwa ba hae.
Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;
Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.