Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 150:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O roriseng ka modumo wa terompeta! O roriseng ka pesalterine le harepa! O roriseng ka meropa le ka mehobelo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Mo roriseng ka modumo wa lenaka, mo roriseng ka thomo le ka harepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 150:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba tsamaisa areka ya Jehova jwalo, ka ditlatse le ka ho letsa diterompeta.


Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.


Sakaria, Asiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Maaseia, le Benaia ba ne ba tshwere diharepa tse kgole tse robileng meno e le mmedi, ho tsamaisa pina ka tsona.


Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Ba kena Jerusalema, ka tlung ya Modimo, ka diviole le diharepa le diterompeta.


ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;


Phaphamang, lona, pesalterine ya ka le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube!


Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!


Rorisang Jehova ka harepa, le mminele ka thomo ya dikgole tse leshome!


ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.


ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.


Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ