Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 15:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 15:4
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.


Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.


Ke tlwaelane le bohle ba o tshabang, le ba bolokang ditemoso tsa hao.


Bakgethehi ba lefatsheng, banna ba borapedi ba sebele, ke bao ke kgahlwang ke bona.


Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Ba re hlonepha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re di hlokang.


Moo re tsebang hobane re faletse lefung ho kena bophelong, ke ha re rata banababo rona. Ya sa rateng ngwanabo o sa dutse lefung.


Eitse ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! moradi wa ka, o nkgathaditse matla; o e mong wa ba mpherekanyang, athe ke ahlamisitse molomo wa ka pela Jehova, mme ke sitwa ho kweneha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ