Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, moeti wa hao e tla ba mang tenteng ya hao? E tla ba mang ya tlang ho aha thabeng ya hao e halalelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 15:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Ke rata nka ikahella tenteng ya hao ka ho sa yeng kae, ka batla setshabelo sa ka moriting wa mapheo a hao. (Sela.)


Ho lehlohonolo ba ahileng tlung ya hao! Ba ya nne ba o rorise kamehla. (Sela.)


Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;


Mme etlare ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke boye, ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be teng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,


Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ