Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 149:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Dithoko tsa Modimo di ke di be melomong ya bona, le marumo a mahale a mabedi diatleng tsa bona, ho sebetsa phetetso ditjhabeng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba tumise Modimo ka melomo ya bona, ba ntse ba tshwere sabole, sabole e sehang kamahohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 149:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi, Joshua, Kadmiele, Bani, Hashabnia, Sherebia, Hodia, Shebania, le Pethahia, ba re: Emang, le boke Jehova, Modimo wa lona, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokwe lebitso la hao le kganyang, mme le phahamiswe ho feta dipoko tsohle le dithoko tsohle!


di sitwa ho tshwara ka diatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha di tsamaye, ha ho lentswe le tswang mmetsong wa tsona.


Ke howeleditse ho wona ka molomo wa ka, thoko ya wona eba lelemeng la ka.


Hobane Jehova o moholo, o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.


O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.


Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.


Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ