Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 149:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bakgethwa ba hae a ba ke ba ithabelle kganya, a ba ke ba tshele ditlatse tsa nyakallo malaong a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Batshepuwa ba hae ba thabe, ba be motlotlo, ba mo etsetse ditlatse leha ba robetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 149:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba tsamaisa areka ya Jehova jwalo, ka ditlatse le ka ho letsa diterompeta.


Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;


Ke tla apesa baprista ba yona ka poloko, bakgethwa ba yona ba tshele ditlatse tsa thabo.


Jehova, mesebetsi ya hao kaofela e tla o rorisa, bakgethwa ba hao ba o boke.


Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


ho bolela mohau wa hao ka meso, le bokgabane ba hao ka masiu wohle,


ho fihlela Moholo wa matsatsi a ba a fihla, mme ho ahlolelwa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, le ho fihla mohla bahalaledi ba amohelang mmuso.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ