Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.
Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.
Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.