Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 149:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ba ke ba rorise lebitso la hae, ba le rorise ka mehobelo, ba mo roke ka moropa le ka harepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 149:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.


Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Bao kaofela ba ne ba le tsamaisong ya ntata bona, ba tle ba bine tlung ya Jehova, ba ntse ba ithusa ka disimbala le diviole le diharepa, ho etsa tshebetso ya ntlo ya Modimo. Haele Asafe le Jeduthune le Hemane, ba ne ba laelwa ke morena.


Ba kena Jerusalema, ka tlung ya Modimo, ka diviole le diharepa le diterompeta.


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!


Rorisang Jehova ka harepa, le mminele ka thomo ya dikgole tse leshome!


Phahamisang dipina tsa lona, le otle meropa, le tidinye thomo le harepa e kgahlehang!


Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Dibini le dihobedi di tla re: Didiba tsohle tsa ka di ho wena.


Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.


Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.


Ke tla be ke o hahe; o tla be o hahuwe, morwetsana wa Iseraele; o sa tla be o itlhophe ka meropa ya hao, o tla tswa o tsamaye diemeng tsa ba nyakallang.


Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ