Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 149:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bokang Jehova! Binelang Jehova sefela se setjha, a nne a rokwe phuthehong ya bakgethwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Haleluja! Binelang Morena sefela se setjha, le mo rorise phuthehong ya batshepuwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 149:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.


Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


Oho Modimo, ke rata ho o binela sefela se setjha, ke rata ho o rorisa ka thomo ya dikgole tse leshome,


Bokang Jehova! Rorisang Jehova mahodimong! Mo roriseng bophahameng ba sebaka!


Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!


Ke moo ke tla o leboha phuthehong e kgolo, ke o roke hara setjhaba se sengata.


Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!


Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Binelang Jehova sefela se setjha; binelang Jehova, lona, baahi bohle ba lefatshe!


Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.


Binelang Jehova sefela se setjha, le tumise dithoko tsa hae dipheletsong tsa lefatshe, lona ba tsamayang hodima lewatle, le lona dibopuwa tsohle tse ho lona, lona dihlekehleke le ba ahileng ho tsona.


ha a re: Ke tla bolella banabeso lebitso la hao, ke o binele difela hara phutheho.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ