Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.
Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.
Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —