Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 147:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O senoletse Jakobo lentswe la hae, o neile Iseraele melao ya hae le dikahlolo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 147:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


O ne a senolele Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse phahamileng.


Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele;


O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,


Ka ba ka ba nea dikomela tsa ka, ka ba tsebisa melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona.


Leha nka mo ngolla molao wa ka hasekete, ba ka mpa ba o tadima jwaloka ntho esele.


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.


e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,


Mme jwale, lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le tle le etse ka tsona, le tle le phele, mme le kene, mme le rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa bontata lona, a le neang lona.


Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,


Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?


Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ