Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.
Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.
Wa ikgabisa ka kgauta le silefera; diaparo tsa hao ya eba tsa lene e ntle, le tsa sei, le tse homilweng. Wa nna wa ja lefi la phofo, le dinotshi, le ole; wa ba motle ka ho fetisisa, wa ba wa fihla boreneng.
Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.
Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.
Ke tla ema pela ntlo ya ka, ke e sirelletse sera, le ya yang, le ya kgutlang, mme mohlorisi ha a sa tla tsamaya hodima bona; hobane jwale, ke bone ka mahlo a ka.
o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.