Dipesaleme 146:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE9 Morena o sireletsa bajaki, o thusa kgutsana le mohlolohadi, athe merero ya ba kgopo o a e nyopisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.
O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.