Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 145:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho ke ho bolelwe matla a diketso tse tshabehang tsa hao, mme ke bolele le boholo ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ba tla bolela matla a ketso tsa hao tse tshabehang, nna ke phete tsa boholo ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 145:6
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


Lebitso la Jehova a le ke le roriswe, ho nka botjhabela ho isa bophirimela.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.


Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Modimo wa rona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ