Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 145:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 145:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!


Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.


Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.


Tshabang Jehova, lona bakgethwa ba hae, hobane ha ho letho le hlokwang ke ba mo tshabang.


ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.


O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.


Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.


ba lapileng o ba kgorisitse molemo, mme ba ruileng o ba kgutlisitse ba le feela;


Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.


Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.


Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.


Mme ha re tseba hoba o re utlwa ha re kopa eng le eng, re a tseba hoba re na le tseo re di kopileng ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ